RE HATELA PELE KA PUO YA SESOTHO – Basotho Culture Table Talk

R278.00

The author Thakane Mokahchane-Mohale, is a retired school principal. She is popularly known as Ma-mohale in her community in Moletsane, Soweto and back home in the Free State. She is a cultural expert, radio and TV language consultant and ardent Basotho cultural activist.

ISBN: 9780620567473 Category:

Description

Buka ena ke e ngotse ka mokgwa o balehang ka boiketlo ho tlisa kgatlheho le lerato la ho bala ka puo ya Sesotho malapeng a rona. Ke ntse ke hlokometse le ho tlisa leruo puong, e leng tlotlontswe le thuta puo. Ha o na le mantswe ho tla ba bonolo ho ithuta puo.

Bukana ena ha o ka e kgothalla, mme o tsotella dikateng tsa yona, o ka fumana o fupere lefa la rona leo e sa leng re le sielwa ke baholo ba rona. Hape ke ntse ke neheletsana ka tsebo molokong o mong ho isa ho o mong.

E jwale ka leshalana leo ke ntseng ke le butswe-butswela ho futha mollo wa thahasello ya ho tseba ka ha botjhaba ba rona Basotho.
Hape e ntse e sa phethahala, empa e leka ho re atametsa sefateng seo re hlahang ho sona, re tle re se ke ra ba ditholwana tse welang hole le sefate.

TITLE: RE HATELA PELE KA PUO YA SESOTHO
AUTHOR: THAKANE MOKHACHANE- MOHALE
ISBN: 9780620567473
LANGUAGE: Sesotho

Reviews

There are no reviews yet.

Be the first to review “RE HATELA PELE KA PUO YA SESOTHO – Basotho Culture Table Talk”

Your email address will not be published. Required fields are marked *