basotho culture table talk

RE HATELA PELE KA PUO YA SESOTHO - Basotho Culture Table Talk
THAKANE MOKHACHANE-MOHALE

Buka ena ke e ngotse ka mokgwa o balehang ka boiketlo ho tlisa kgatlheho le lerato la ho bala ka puo ya Sesotho malapeng a rona. Ke ntse ke hlokometse le ho tlisa leruo puong, e leng tlotlontswe le thuta puo. Ha o na le mantswe ho tla ba bonolo ho ithuta puo.
Bukana ena ha o ka e kgothalla, mme o tsotella dikateng tsa yona, o ka fumana o fupere lefa la rona leo e sa leng re le sielwa ke baholo ba rona. Hape ke ntse ke neheletsana ka tsebo molokong o mong ho isa ho o mong.
E jwale ka leshalana leo ke ntseng ke le butswe-butswela ho futha mollo wa thahasello ya ho tseba ka ha botjhaba ba rona Basotho.
Hape e ntse e sa phethahala, empa e leka ho re atametsa sefateng seo re hlahang ho sona, re tle re se ke ra ba ditholwana tse welang hole le sefate.

R190.00 excl delivery

TITLE AUTHOR ISBN LANGUAGE
RE HATELA PELE KA PUO YA SESOTHO THAKANE MOKHACHANE- MOHALE 9780620567473 Sesotho

The author Thakane Mokahchane-Mohale, is a retired school principal. She is popularly known as Ma-mohale in her community in Moletsane, Soweto and back home in the Free State. She is a cultural expert, radio and TV language consultant and ardent Basotho cultural activist.

Contact Us to Order Now